SESOTHO

PUO THUTONGSEABO SA PUO THUTONG PanSALB e ikemiseditse ho:
  • kgothaletsa tshebediso ya dipuo tsa motheo tsa ho ithuta le ho ruta;
  • tshehetsa mohopolo wa ho rutwa ka puo ya lapeng ho tloha boemong bo tlase ba thuto ho ya ho bo phahameng ka ho fetisisa;
  • tshehetsa ntshetsopele ya matitjhere profesheneng ya bona, mme ho hlahiswe le disebediswa tse tla phahamisa boemo ba dipuo tsa motheo;
  • kgothaletsa tshebediso ya dipuo tse ngata dikolong;
  • hlahisa maano le matsholo a ho ruta ka dipuo tse ngata;
  • hlwaya dikarolo tsa puo thutong, tse tla lebisa ntshetsopeleng e nngwe hape ya puo; le
  • ho sebetsa jwalo ka mokgwa wa boeletsi ho Lefapha la Thuto mabapi le merero ya ho hlahisa leano le lenanethuto.

BOHLOKWA LE SEPHETHO SA PUO THUTONG

Puo Thutong e bohlokwa haholo bakeng la ho kgothaletsa le ho ntshetsa pele dipuo tsa Afrika Borwa, haholoholo dipuo tseo tse neng di qheletswe thoko pejana. PanSALB e tshehetsa:

  • kelo hloko, kgothaletso le ntshetsopele ya dipuo tsohle tsa Afrika Borwa, haholoholo tseo tse neng di qheletswe thoko pejana, mme hona e ho etsa ka tshebediso ya puo ya lapeng le leano la ho sebedisa dipuo tse ngata;
  • diphetho tsa diphuputso tse seng di etswa, tse tsitlalellang hodima bohlokwa ba puo ya lapeng hore e be yona puo ya ho ruta le ho ithuta bakeng la kgodiso ya kelello dilemong tsa motheo; le
  • mohopolo o reng motheo o matla wa ho ithuta o itshetlehile hodima kgodiso ya kelello dilemong tsa ho ho qala.

TSHEBEDISO YA DIPUO TSE NGATA THUTONG

Leano la Puo la Afrika Borwa le bontsha boemo bo matla mabapi le tshebediso ya dipuo tse ngata. Thuto e sebedisang dipuo tse ngata e kenyelletsa ho fana ka thuto ya dipuo tse pedi ka tsela e tla tsamaya hantle haholo. Ka ho kenya leano lena, re lebelletse sephetho se latelang:

  • ho fana ka menyetla le ntshetsopele ya batho le merabe naheng ka bophara;
  • potlakiso ya ntshetsopele ka ho kgothaletsa tshebediso e lekanang ya dipuo tsa semmuso mona Afrika Borwa, ho shebilwe haholoholo dipuo tseo tse neng di qheletswe thoko pejana;
  • temoho e eketsehileng letsholong la ditokelo tsa puo, ekasitana le ho fumana tsebo le tlhahisoleseding ka ho lekana bakeng la baahi bohle ba naha; le
  • ho eketseha ha maikutlo a botjhaba le bohlokwa ba ditso tse ngata tse hlahellang ka ho sebedisa dipuo tse ngata.

Hantlentle tshebediso ya dipuo tse ngata e bolela hoo, moo puo ya lapeng e bang ka hodimodimo lenaneng jwalo ka puo ya ho ithuta le ho ruta, mme puo e nngwe ya bobedi e tshwanela/e ka ntshetswa pele ka yona nako eo jwalo ka serutwa feela, kapa jwalo ka puo ya bobedi ya ho ithuta le ho ruta.Mmuso le Lefapha la Thuto ba tshehetsa mokgwa o mong hape wa tshebediso ya dipuo tse ngata.PanSALB e nka tshebediso ya dipuo tse ngata jwalo ka ntho ya bohlokwa  haholo bakeng la ho ntshetsapele le ho kgothaletsa dipuo tsohle tsa semmuso tsa Afrika Borwa, haholoholo dipuo tseo tse neng di qheletswe thoko pejana, Puo ya Matsoho ya Afrika Borwa ekasitana le dipuo tsa Khoe, San le Nama. Ka ha ho fapana ha dipuo e le hona ho bakang ditshitiso dipuisanong tsa ditso tse fapaneng, PanSALB e dumela hore kgothaletso ya tshebediso ya dipuo tse ngata ke yona tsela e batleheng bakeng la ho fihlela dipuisano.

 FORAMO YA DITHERISANO TSA MATITJHERE

  • Foramo ena e tla thehwa ho ba sebaka seo ho sona matitjhere a tla abelana ka botsebi le mehopolo ya ona ya seprofeshenale.
  • E tla thusa ho fokotsa sekgeo se pakeng tsa matitjhere, mme e tlose le maikutlo a ho se ikamahanye le ba bang hara matitjhere.
  • E tla kgothaletsa e be e susumeletse diphuputso hara baithuti le matitjhere.
  • Ho tla kgothaletswa le kabelano ya mekgwa ya ho ruta dibakeng tseo ho tsona ho rutwang ka dipuo tse ngata lenanethutong.
  • Moya wa tsosoloso o tsebahalang ka phapanyetsano ya mehopolo o lokelwa ho kgothaletswa ka tshebediso ya dipuo tse ngata.
  • Ho ba teng ha foramo ena ho tla etsa hore mohopolo wa ho ba le mekga e mebedi o kgonahale.
  • Ho ba le mekga ena e mebedi ho tla etsa hore ho thehwe Foramo ya Baithuti, e tla hola ho ba marangrang a sebetsang lefatsheng ka bophara (Sebaka se buang ka tshebediso ya dipuo tse ngata ke Baithuti).

DIPHUPUTSO LE NTSHETSOPELE

Diphuputso le ntshetsopele (diqotso, dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona le di-link).Diprojeke tse seng di phethilwe

  • Kutlwisiso ya moithuti ya ho ithuta le ho ruta ka puo ya lapeng ya isiXhosa Dikolong tse Phahameng tsa Eastern Cape le Western Cape ka G. Barkhuizen.
Sepheo se seholo sa mofuputsi mona e ne e le ho utulla sesosa sa tshebetso e fokolang le kgaello ya tjantjello dipuong tsa ba Batsho. (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.)
  • Pokello ya dipampiri tsa dipotso tsa dihlahlobo tsa Physical Science tsa materiki ka dipuo tse pedi (Senyesemane/Lesotho sa Leboa) mmoho le dikarabo tsa tsona ka P.T.Pare.
Diphetho tsa yona di lokela ho bolela hore na tsela eo moithuti a sebeditseng ka yona e ntlafetse na ka baka la ho sebedisa puo e nngwe eo e seng Senyesemane ha a itlhahloba pele ho dihlahlobo tsa makgaola kgang. (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.)
  • Bokgoni ba ho fihlela tsela ya ho Ithuta ho Bala le ho Ngola, Mophato wa 2 le wa 3 ka Molteno Project. Sepheo sa projeke ena ke ho hlahisa disebediswa tsa Mephato ya 2 le

3. Disebediswa tseo tse hlahisitsweng di tla kgothaletsa ho rutwa ka puo ya lapeng le/kapa puo tse pedi. Motheo wa MacDonald wa tekolo le pehelo ya teng di boheha e le dintlha tsa bohlokwa haholo bakeng la ho hlahisa disebediswa tseo. (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.)

4. Projeke ya ho Ithuta ho Ngola le ho Bala ka Puo ya Lapeng Mophatong wa 1 ka SAILI Project.Sepheo sa projeke ena ya ntshetsopele ke ho hlahisa motheo o matla wa kutlwisiso ya titjhere e nngwe le e nngwe ya thuto ya matematiki, ho nehwa le matitjhere bokgoni ba ho ruta ho bala le ho sebetsa le diphaposi tse sebedisa ng dipuo tse ngata (ho ithuta ho bala le ho ngola ka dipuo tse pedi). (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.)Diprojeke tse ntseng di tswela pele1. Ho ruta ka Dipuo tse Pedi Lenaneong la Dikolong ka P. Plüddemann.Sepheo sa phuputso ke ho lwantsha ho phatlalla ha tumelo ya hore puo ya Senyesemane ke yona feela puo ya bohlokwa thutong. (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.) 2. Phuputso ya sephetho se ka bang teng sa thuto ya Senyesemane bokgoning ba ho sebedisa Puo ya Lapeng ka S. Suzman.Sepheo sa phuputso ena ke ho lekola sephetho sa puo ya Senyesemane bokgoning ba ho bua Puo ya Lapeng Mophatong wa

5. (Tobetsa mona ha o batla ho tseba haholwanyane.)

KHALENDARA YA DIKETSAHALO



 
 
t